Work

Mathata a bakwang ke ho se ngole puo ya Sesotho ka nepo marangrang a Setjhaba

Year: 2024
Type: article
Abstract: Kgutsufatso: Puisano ke tsela eo batho ba kgonang ho fetisa molaetsa ka yona.E thusa batho ho bopa dikamano le ho rarolla mathata.E arotswe ka metjha e mmedi e meholo eleng puo e buuwang le e ngolwang.Haeba ho ba le tshetiso nakong eo mongodi a fetisetsang molaetsa ho mmadi, sena se baka pherekano ho mmadi, molaetsa o neng o fetiswa ke mongodi ho mmadi o a ritsa.Leha dingolwa di le teng tse rutang ho ngola puo ka nepo, ho bonahala mathata a ho ngola puo e nepahetseng ya Sesotho e ntse e le pharela.Sepheo sa pampiri ena ke ho bontsha hore ho se ngole mantswe ka nepo ho baka mathata puong kaha sena se baka ho ritsa ha moelelo.Bakeng sa pokello ya ditaba ho sebedisitswe dipuisano ho tswa ho marangrang a fapaneng a jwalo ka di-imeile, Facebook, WhatsApp le ditsebiso.Pampiring ena ho sebedisitswe motlolo wa puisano wa Shannon le Weaver bakeng sa ho manolla dipuisano.Diphumano di bontsha hore ho se ngole ka nepo ho se ho jele setsi puong ya Sesotho mme sena se thunthetsa puo se bile se baka mathata a phetisetso ya melaetsa e nepahetseng ka lebaka la ngolo e sa nepahalang.Boithuto bona bo kgothaletsa mafapha a mmuso le dikhampane le batho ho hlwaya ditsebi tsa puo ho ba thusa ho hlaola diphoso puong pele ba ka phatlalatsa seo ba se ngotseng. The problems caused by not writing Sesotho properly on social media platformsAbstract: Communication is the ability to convey a message.It helps people to form relationships and solve problems.If there is a distraction at the time the writer passes the message to the reader, this causes confusion, and the message loses its meaning.Although there are books that teach how to write a language correctly, it seems that writing the correct language for Sesotho remains a challenge.The purpose of this article is to show that not writing words correctly causes problems in language as this causes a distortion of meaning.For the collection of data, conversations from various social media platforms, such as email, Facebook, WhatsApp and text messages, have been used.In this article, the Shannon and Weaver model for communication has been used to analyse the data.The findings show that not writing correctly in Sesotho has now become a norm, and this causes problems in the language.This study encourages government departments, companies and people to identify language experts to help them identify errors in language before publishing what they have written.Selelekela Puisano e bohlokwa haholo maphelong a rona batho, hobane batho ba re ahlola ho latela kamoo re buang kateng haholo ha re tla re shebabane le ntlha ya puisano e ngotsweng.Puisano e ngotsweng ke mokgwa o mong oo re fetisang molaetsa ka ona ho tloha ho motho e mong ho ya ho e mong.Gaber (2022: 2005) o hlalosa hore puisano e kenyeletsa mefuta e fapaneng ya puisano moo ho sebediswang mantswe, puo e buuwang, e ngotsweng le ya matsoho.O tswela pele ho hlalosa hore re sebedisa puisano ho tsebisa ba bang ka ditlhoko tsa rona kapa ho fetisa tsebo.Re boetse re na le puisano eo eseng ya molomo mme yona e iponahatsa ka ho sebedisa ditho tsa mmele bakeng sa
Language: English
Open Access status: hybrid
OpenAlex ID: W4403774935
FWCI: 1.625
Cites: 9
Cited by: 1
Related to: 10